10. Yaba le nkisa ka moya hodima thaba e kgolo, e phahamileng, la ntoo mpontsha motse o moholo, Jerusalema ya halalelang, o theoha lehodimong ho Modimo,
11. o kganya ka kganya ya Modimo: lesedi la wona le tshwana le la lehakwe la bohlokwa, le kang lejwe la jaspe e bonaletsang jwaloka kristale.
12. O dikeditswe ke lerako le leholo le phahamileng; o kenwa ka menyako e leshome le metso e mmedi; mangeloi a leshome le metso e mmedi a eme menyakong ya wona; mme mabitso a ngodilwe hodima yona, e leng mabitso a meloko e leshome le metso e mmedi ya bana ba Iseraele.
13. Ka nqa ya botjhabela menyako e meraro; ka nqa ya leboya menyako e meraro; ka nqa ya borwa menyako e meraro, le ka nqa ya bophirimela menyako e meraro.
14. Lerako la motse le na le metheo e leshome le metso e mmedi eo ho ngodilweng ho yona mabitso a baapostola ba Konyana ba leshome le metso e mmedi.
15. Ya buang le nna o ne a tshwere leqala la kgauta la ho lekanya motse le menyako ya wona le lerako la wona.