Tshenolo 21:1-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Yaba ke bona lehodimo le letjha le lefatshe le letjha; hobane lehodimo la pele le lefatshe la pele di ne di fetile, le lona lewatle le ne le se le le siyo.

2. Yaba ke bona motse o halalelang, Jerusalema e motjha, o theoha lehodimong ho Modimo, o itokisitse jwaloka monyaduwa ya itlhophiseditseng monna wa hae.

3. Ka utlwa lentswe le phahameng le etswa teroneng, le re: Bonang tabernakele ya Modimo e hara batho; o tla aha le bona; e tla ba ditjhaba tsa wona, mme Modimo o tla ba le bona ka sebele sa wona, e be Modimo wa bona.

4. Modimo o tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le eba teng; mme ha ho sa tla ba maswabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele di fetile.

5. Jwale ya dutseng teroneng, a re: Bonang, ntho tsohle ke di etsa tse ntjha. A ntoo re ho nna: Ngola; hobane dipolelo tseo di tiile; ke tsa nnete.

6. A ba a re ho nna: Ho phethehile! Ke nna alfa le omega, qalo le qetello. Ya nyorilweng ke tla mo nosa feela metsi a sediba sa bophelo.

7. Ya hlolang o tla ja lefa la ntho tsohle, mme ke tla ba Modimo wa hae, yena e be mora wa ka.

8. Empa ha e le ba boi, le ba sa dumelang, le ba manyala, le babolai, le bafebi, le baloi, le ba rapelang medimo, le mahata kaofela, kabelo ya bona e ka letsheng le tukileng hampe la mollo le sebabole: hona ke lefu la bobedi.

9. Jwale lengeloi le leng la a supileng a neng a tshwere dinkgo tse supileng tse tletseng dikotsi tsa qetello tse supileng, la tla, la re ho nna: Tloo, ke o bontshe monyaduwa, eo e leng mosadi wa Konyana.

10. Yaba le nkisa ka moya hodima thaba e kgolo, e phahamileng, la ntoo mpontsha motse o moholo, Jerusalema ya halalelang, o theoha lehodimong ho Modimo,

11. o kganya ka kganya ya Modimo: lesedi la wona le tshwana le la lehakwe la bohlokwa, le kang lejwe la jaspe e bonaletsang jwaloka kristale.

Tshenolo 21