8. mme o tla tswa ho ya kgelosa ditjhaba tse dikgutlong tse nne tsa lefatshe, Gogo le Magogo, a ba bokellele ho lwana; palo ya bona e ka ka lehlabathe la lewatle.
9. Ka ba bona ba tla ka bophara ba lefatshe, mme ba dika diahelo tsa bahalaledi le motse o ratwang; ha mpa ha hlaha mollo o tswang ho Modimo lehodimong, mme wa ba qeta.
10. Mme Diabolose ya ba kgelositseng a akgelwa letsheng la mollo le sebabole, moo ho seng ho le sebata le moporofeta wa bohata, mme ba tla hlokofatswa motshehare le bosiu, ka ho sa feleng.
11. Yaba ke bona terone e tshweu e kgolo, le e mong ya dutseng hodima yona; yaba lefatshe le lehodimo di baleha pela sefahleho sa hae, mme ha di a ka tsa hlola di fumanelwa sebaka.
12. Ka ntoo bona bafu ba banyenyane le ba baholo ba eme pela terone; ha phetlwa dibuka; ha phetlwa le buka e nngwe, e leng buka ya bophelo; mme bafu ba ahlolwa ka tse ngodilweng dibukeng tseo, e leng ka mesebetsi ya bona.
13. Lewatle la busetsa bafu ba ho lona, lefu le lebitla tsa ntsha bafu ba ho tsona; e mong le e mong a ntoo ahlolwa ka mesebetsi ya hae.
14. Lefu le lebitla tsa akgelwa letsheng la mollo; ke lona lefu la bobedi.
15. Mme e mong le e mong ya sa kang a fumanwa a ngodilwe bukeng ya bophelo, a akgelwa letsheng la mollo.