1. Ka ntoo bona lengeloi le leng le theoha lehodimong, le tshwere senotlolo sa sekoti le lehlaahlela le leholo letsohong la lona.
2. La tshwara drakone, noha ya kgale, e leng Diabolose le Satane, mme la e holehela dilemo tse sekete.
3. La e akgela sekoting, la e kwalla teng, mme la tiisa hodima sona, hore e se ke ya hlola e kgelosa ditjhaba, dilemo tse sekete di eso ho phethehe. Kamora tseo, e ka kgona e lokollelwe motsotso o se mokae.
4. Yaba ke bona diterone, mme ba bang ba dula hodima tsona, ba filwe matla a ho ahlola; ka bona le meya ya ba kgaotsweng dihlooho ka baka la bopaki ba Jesu le ka baka la lentswe la Modimo, le ba sa kang ba kgumamela sebata, leha e le setshwantsho sa sona, ba sa kang ba amohela letshwao la sona diphatleng tsa bona le matsohong a bona; ba boela ba phela, mme ba busa le Kreste dilemo tse sekete.