6. Empa o na le molemo ona, ke hobane o hloile diketso tsa Banikola, tseo le nna ke di hloileng.
7. Ya nang le ditsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke: Ya hlolang, ke tla mo fa ho ja sefate sa ho phela, se kahara Paradeise ya Modimo.
8. Ngolla lengeloi la kereke ya Smirna, o re: Wa pele le wa morao, ya kileng a shwa, mme a boela a phela, o bolela tsena, o re:
9. Ke tseba mesebetsi ya hao, le matshwenyeho a hao, le bofutsana ba hao, leha o mpa o le morui; ke tseba le dinyefolo tsa ba ipitsang Bajuda, athe hase bona, empa e le sinagoge ya Satane.
10. O se ke wa tshaba letho la tseo o tlang ho tshwenngwa ka tsona. Bona, Diabolose o se a ya kenya ba bang ho lona teronkong, hore le lekwe; mme le tla ba le matshwenyeho a matsatsi a leshome. O tiye ho isa lefung, mme ke tla o fa moqhaka wa bophelo.
11. Ya nang le ditsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke: Ya hlolang a ke ke a etswa hampe ke lefu la bobedi.
12. Ngolla lengeloi la kereke ya Pergame, o re: Ya tshwereng sabole e ntjhotjho e leoditsweng ka nqa tse pedi, o bolela tsena, o re:
13. Ke tseba mesebetsi ya hao, le moo o ahileng teng, e leng moo Satane a nang le terone ya hae teng; ke tseba le hobane o tiisitse lebitso la ka; mme ha o a ka wa latola tumelo ya hao ho nna, leha e le mohla Antipase, paki ya ka e tshepehang, a bolawang hara lona, moo Satane a ahileng teng.
14. Empa ke na le ditaba tse seng kae, tseo ke di nyatsang ho wena: ke hobane mona o na le ba yang ka thuto ya Balaame, ya rutileng Balake ho bea kgopiso pela bana ba Iseraele, ba tle ba je tse hlabetsweng medimo ya bohata, mme ba etse bohlola.
15. Hape, o na le ba yang ka thuto ya Banikola, eo ke e hloileng.
16. O bake; ha ho se jwalo, ke tla phakisa ke tle ho wena, ke lwane le bona ka sabole ya molomo wa ka.
17. Ya nang le ditsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke: Ya hlolang, ke tla mo fa ho ja manna a patilweng, ke be ke mo fe le lejwe le lesweu, leo ho ngodilweng ho lona lebitso le letjha, le sa tsejweng ke motho, haese ke ya le amohelang.
18. Ngolla lengeloi la kereke ya Thiatire, o re: Ke tsena tse bolelwang ke Mora Modimo, eo mahlo a hae a leng jwaloka kgabo ya mollo, le maoto a hae a tshwanang le koporo e benyang:
19. Ke tseba mesebetsi ya hao, le lerato la hao, le tshebeletso ya hao, le tumelo ya hao, le mamello ya hao, le hoba mesebetsi ya hao ya morao e fetisa ya pele.
20. Empa ke na le ditaba tse seng kae tseo ke di nyatsang ho wena; ke hobane o dumella Jesebele, mosadi eo ya ipitsang moporofeta, ho ruta, le ho kgelosa bahlanka ba ka, hore ba tle ba etse bohlola, mme ba je dinama tse hlabetsweng medimo ya bohata.