21. Ke mo file sebaka sa ho baka bohloleng ba hae, empa ha a ka a baka.
22. Bona, ke se ke tla mo dihela diphateng, mme ba febileng le yena ke tla ba kenya tlokotsing e kgolo, ha ba sa baka diketsong tsa bona.
23. Ke tla bolaya bana ba hae ka lefu; mme dikereke tsohle di tla tseba hobane ke nna ya lekolang matheka le dipelo; mme ke tla putsa e mong le e mong wa lona ka ho lekanang mesebetsi ya hae.
24. Haele lona, le ba bang ba Thiatire, ba sa yeng ka thuto eo, ba sa kang ba tseba matebo a Satane, kamoo ba a bitsang kateng, ke a le bolella hore nke ke ka le bea boima bo bong.
25. Feela, le nne le tiise seo le nang le sona, ke be ke fihle.
26. Ya hlolang, mme a tiisetsa ho etsa mesebetsi ya ka ho isa qetellong, ke tla mo fa mmuso hodima ditjhaba:
27. o tla di disa ka lere la tshepe, mme di tla thuwa jwaloka dipitsa tsa letsopa, kamoo le nna ke nkileng taelo ho Ntate kateng.
28. Ke tla mo fa le naledi ya meso.
29. Ya nang le ditsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke.