1. Ngolla lengeloi la kereke ya Efese, o re: Ya tshwereng dinaledi tse supileng letsohong la hae le letona, ya tsamayang hara dikandelare tse supileng tsa kgauta, o bolela tseo, o re:
2. Ke tseba mesebetsi ya hao, le mokgathala wa hao, le mamello ya hao, le hobane o sitwa ho mamella ba babe, o bile o lekile le ba ipeileng baapostola, athe hase bona, mme o lemohile hoba ba leshano;