Tshenolo 19:13-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. o apere seaparo se takilweng ka madi, mme lebitso leo a bitswang ka lona ke Lentswe la Modimo.

14. Makgotla a lehodimo a mo latela, a kaletse dipere tse tshweu, a apere lene e ntle e tshweu, e hlwekileng.

15. Sabole e bohale e tswa molomong wa hae, a tle a otle ditjhaba ka yona; o tla di alosa ka lere la tshepe; mme ke yena ya tla hatisa sehatelong sa veine ya bohale le ya kgalefo ya Modimo o matla wohle.

16. Mme o na le lebitso le ngodilweng seaparong le seropeng sa hae, le reng: Morena wa marena, le Mmusi wa babusi.

17. Ka bona le lengeloi le leng le eme letsatsing, le howa ka lentswe le phahamileng, le howeletsa dinonyana tsohle tse fofang sebakeng sa lehodimo, le re: Tloong, le phuthehele moketeng o moholo wa Modimo,

18. le tle le je dinama tsa marena, le dinama tsa balaodi ba dikete, le dinama tsa dinatla, le dinama tsa dipere, le tsa ba di kaletseng, le dinama tsa bohle ba sa ruwang le ba ruilweng, tsa ba banyenyane le tsa ba baholo.

19. Yaba ke bona sebata, le marena a lefatshe, le makgotla a wona, a phuthehetse ho lwana le ya kaletseng pere le makgotla a hae.

20. Mme sebata sa tshwarwa, mme hammoho le sona ha tshwarwa moporofeta wa bohata ya neng a etsa mehlolo pela sona, eo a kgelositseng ka yona ba nkileng letshwao la sebata le ba rapetseng setshwantsho sa sona.

21. Ba babedi bao ba akgelwa, ba sa phela, letsheng le tukang mollo le sebabole.

22. Mme ba setseng ba bolawa ka sabole e tswang molomong wa ya kaletseng pere; mme dinonyana tsohle tsa kgora dinama tsa bona.

Tshenolo 19