Tshenolo 19:1-6 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Kamora tseo, ka utlwa lehodimong ho kang lentswe la bongata bo boholo, le re: Alleluya! Poloko, le kganya, le hlompho, le matla, ke tsa Modimo wa rona;

2. hobane dikahlolo tsa wona ke tsa nnete, ke tse lokileng; hobane o ahlotse seotswa se seholo, se bodisitseng lefatshe ka bootswa ba sona; mme o pheteditse madi a bahlanka ba wona letsohong la sona.

3. Mme ba pheta ba re: Alleluya! Mosi wa sona o nyoloha kamehla le mehla.

4. Baholo ba mashome a mabedi a metso e mene, le dibopuwa tse phelang tse nne, ba wa ka difahleho, ba kgumamela Modimo o dutseng teroneng, ba re: Amen! Alleluya!

5. Lentswe la tswa teroneng, la re: Bokang Modimo wa rona, lona bohle bahlanka ba wona, le lona ba o tshabang, ba baholo le ba banyenyane.

6. Ka utlwa le ho kang lentswe la bongata bo boholo, le ho kang modumo wa metsi a mangata, le ho kang lentswe la diaduma tse matla, le re: Alleluya! Hobane Morena, Modimo wa rona o matla wohle, o a busa.

Tshenolo 19