Tshenolo 19:1-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Kamora tseo, ka utlwa lehodimong ho kang lentswe la bongata bo boholo, le re: Alleluya! Poloko, le kganya, le hlompho, le matla, ke tsa Modimo wa rona;

2. hobane dikahlolo tsa wona ke tsa nnete, ke tse lokileng; hobane o ahlotse seotswa se seholo, se bodisitseng lefatshe ka bootswa ba sona; mme o pheteditse madi a bahlanka ba wona letsohong la sona.

3. Mme ba pheta ba re: Alleluya! Mosi wa sona o nyoloha kamehla le mehla.

4. Baholo ba mashome a mabedi a metso e mene, le dibopuwa tse phelang tse nne, ba wa ka difahleho, ba kgumamela Modimo o dutseng teroneng, ba re: Amen! Alleluya!

5. Lentswe la tswa teroneng, la re: Bokang Modimo wa rona, lona bohle bahlanka ba wona, le lona ba o tshabang, ba baholo le ba banyenyane.

6. Ka utlwa le ho kang lentswe la bongata bo boholo, le ho kang modumo wa metsi a mangata, le ho kang lentswe la diaduma tse matla, le re: Alleluya! Hobane Morena, Modimo wa rona o matla wohle, o a busa.

7. A re thabeng, re nyakalle, mme re ise kganya ho wona; hobane lenyalo la Konyana le hlahile, mme mosadi wa yona o itokisitse;

8. mme o neilwe ho ikapesa ka lene e ntle, e kganyang, e hlwekileng; hobane lene e ntle eo ke ho loka ha bahalaledi.

9. Yaba lengeloi le re ho nna: Ngola: Ho lehlohonolo ba bileditsweng mokete wa lenyalo la Konyana! La ntoo re ho nna: Tseo ke dipolelo tsa sebele tsa Modimo.

10. Yaba ke wela maotong a lona ho le kgumamela. Empa la re ho nna: O se ke wa etsa hoo; hobane ke molekane wa hao wa tshebeletso, le wa banabeno ba ba nang le bopaki ba Jesu; kgumamela Modimo: hobane bopaki ba Jesu ke Moya wa boporofeta.

11. Yaba ke bona lehodimo le bulwa, mme ha hlaha pere e tshweu, mme ya e kaletseng o bitswa Motshepehi le Wa nnete; o ahlola, o lwana ka ho loka.

12. Mahlo a hae e ka kgabo ya mollo, mme hloohong ya hae o rwetse meqhaka e mengata; o na le lebitso le ngodilweng le sa tsejweng ke motho, haese ke yena feela;

Tshenolo 19