17. Mme balaedi ba dikepe kaofela, le bongata bohle bo tsamayang ka dikepe, le ba di tsamaisang, le bohle ba hwebang lewatleng, ba ema hole;
18. mme ba bokolla ha ba bona mosi wa ho tjha ha wona, ba re: Motse ke ofe o tshwanang le motse o moholo oo?
19. Mme ba ithuntshetsa dihlooho ka lerole, ba howa, ba lla, ba bokolla, ba re: Jo! jo! Motse o moholo oo ba nang le dikepe lewatleng ba ruileng ka maruo a nonneng a wona, o ripitlehile jwang ka hora e le nngwe?
20. Nyakallang ka baka la wona, wena lehodimo, le lona bahalaledi, baapostola, le baporofeta, hobane Modimo o tiisitse kahlolo eo le o ahlotseng ka yona!
21. Yaba lengeloi le matla le nka lejwe le ka ka lelwala le leholo, la le akgela lewatleng, la re: Ho tla akgelwa jwalo ka matla Babilona, motse o moholo, mme ha a sa tla hlola a fumanwa.
22. Mme mantswe a ba tidinyang diharepa, le a ba letsang dithomo, le a ba diphala, le a ba diterompeta, ha a sa tla hlola a utlwahala ha hao; mme ha ho sa tla hlola ho fumanwa ha hao motho ya sebetsang mosebetsi ofe le ofe, leha e le modumo wa lelwala ha o sa tla hlola o utlwahala ha hao.
23. Lesedi la dilampi ha le sa tla hlola le bonesa ha hao; le lentswe la monyadi le la monyaduwa ha le sa tla hlola le utlwahala ha hao; hobane bahwebi ba hao e ne e le benghadi ba lefatshe, le hobane ditjhaba kaofela di kgelositswe ke bolao ba hao.
24. Mme ke ho wona ho fumanweng madi a baporofeta, le a bahalaledi, le a bohle ba bolailweng lefatsheng.