Tshenolo 18:10-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. a ntse a eme hole le yena ke ho tshaba dikotsi tsa hae, a re: Jo! jo! Babilona, motse o moholo, motse o matla, kahlolo ya hao e hlahile jwang ka hora e le nngwe!

11. Le bahwebi ba lefatshe ba tla llela motse oo, ba be ba o hlomohele; hobane mesebetsi ya bona ha e sa tla hlola e rekwa ke motho:

12. Mesebetsi ya kgauta, le ya silefera, le ya mahakwe a bohlokwa, le ya diperela, le ya lene e ntle, le ya purepera, le ya sei, le ya sekarelata, le ya mahong wohle a monkgo o monate, le ya dipitsa tsa mefutafuta tse entsweng ka dinaka tsa ditlou, le dipitsa tsohle tsa mahong a hlokwang, le tsa koporo, le tsa tshepe, le tsa maramore;

13. le sinamone, le dibano, le mira, le diarubetso, le veine, le ole, le lefi la phofo, le koro, le dikgomo, le dinku, le dipere, le makoloi, le mmele le meya ya batho.

14. Ditholwana tsa lehwetla, tseo pelo ya hao e di thabelang, di suthetse hole le wena, mme tse monate le tse bokgabane kaofela di tlohile ho wena, mme ha o sa tla hlola o di fumana.

15. Bahwebi ba mesebetsi eo, ba entsweng banoni ka wona, ba tla ema hole, ke ho tshaba dikotsi tsa wona, ka ho lla le ka ho hlomoha,

16. ba re: Jo! jo! Motse o moholo o neng o apere line e ntle le purepera le sekarelata, o neng o kgabile ka kgauta, le ka mahakwe a bohlokwa, le ka diperela, na maruo a kakalo a fedile jwang ka hora e le nngwe?

17. Mme balaedi ba dikepe kaofela, le bongata bohle bo tsamayang ka dikepe, le ba di tsamaisang, le bohle ba hwebang lewatleng, ba ema hole;

18. mme ba bokolla ha ba bona mosi wa ho tjha ha wona, ba re: Motse ke ofe o tshwanang le motse o moholo oo?

19. Mme ba ithuntshetsa dihlooho ka lerole, ba howa, ba lla, ba bokolla, ba re: Jo! jo! Motse o moholo oo ba nang le dikepe lewatleng ba ruileng ka maruo a nonneng a wona, o ripitlehile jwang ka hora e le nngwe?

20. Nyakallang ka baka la wona, wena lehodimo, le lona bahalaledi, baapostola, le baporofeta, hobane Modimo o tiisitse kahlolo eo le o ahlotseng ka yona!

21. Yaba lengeloi le matla le nka lejwe le ka ka lelwala le leholo, la le akgela lewatleng, la re: Ho tla akgelwa jwalo ka matla Babilona, motse o moholo, mme ha a sa tla hlola a fumanwa.

Tshenolo 18