1. Kamora tseo, ka bona lengeloi le theoha lehodimong, le ena le matla a maholo; mme lefatshe la boneswa ke kganya ya lona.
2. La howa ka lentswe le phahameng, le phepa, la re: O wele, o wele, Babilona e moholo! o fetohile moaho wa batemona, letsaba la meya yohle e ditshila, le letsaba la dinonyana tsohle tse sa hlwekang, tse ilwang!
3. Hobane ditjhaba tsohle di nwele veine ya bohale ba bootswa ba hae; mme marena a lefatshe a febile le yena, mme bahwebi ba lefatshe ba enne ka boholo ba menono ya hae.
4. Yaba ke utlwa lentswe le leng le tswang lehodimong, le re: Tlohang ho yena, lona setjhaba sa ka, le se tshohe le kenella dibe tsa hae, mme la welwa ke dikotsi tsa hae.
5. Hobane dibe tsa hae di se di kolohane ho ya fihla lehodimong, mme Modimo o hopotse makgopo a hae.
6. Le mo putse kamoo a le putsitseng kateng, mme le mo lefise habedi ho lekaneng mesebetsi ya hae, le mo tswakele habedi senwelong seo a le tswaketseng ho sona.
7. Mo hlokofatseng, le be le mo hlomodise, ho tle ho be ho lekane le ho ithorisa le ho nyakalla ha hae, hobane o itse pelong ya hae: Ke dutse ke le mofumahadi, ha ke mohlolohadi, mme nke ke ka tseba bofifi.
8. Ka baka leo, dikotsi tsa hae di tla hlaha ka tsatsi le le leng, lefu, bofifi, le tlala, mme o tla tjheswa ka mollo; hobane o matla, Modimo o mo ahlolang.
9. Mme marena a lefatshe a febileng le yena, a ileng a phela le yena menyakeng, a tla mo llela, a itete difuba, ha a bona mosi wa ho tjha ha hae;