7. Lengeloi la re ho nna: O makaletseng? Ke tla o bolella sephiri sa mosadi le sa sebata seo a se kaletseng, se nang le dihlooho tse supileng le dinaka tse leshome.
8. Sebata seo o se boneng se ne se le teng, mme ha se yo; se se se tla nyoloha sekoting, se ntoo ya tahlehong; mme ba ahileng lefatsheng, bao mabitso a bona a sa kang a ngolwa bukeng ya bophelo haesale lefatshe le thewa, ba tla makala ha ba bona sebata, hobane se ne se le teng, mme ha se yo, athe se tla boela se be teng.
9. Ke mona ho hlokwang kutlwisiso e nang le bohlale. Dihlooho tse supileng ke dithaba tse supileng, tseo mosadi a dutseng hodima tsona.
10. Hape, ke marena a supileng. Ho se ho wele a mahlano, e mong o sa le teng, mme e mong ha a eso ho tle; etlare hobane a tle, o tla ba teng ho se hokae.
11. Sebata se neng se le teng, se seng se le siyo, sona ke morena wa boroba meno e le mmedi, mme ke e mong wa a supileng, mme o ya tahlehong.
12. Dinaka tse leshome tseo o di boneng ke marena a leshome, a esong ho nke borena, a mpa a tla amohela matla a borena hammoho le sebata ka hora e le nngwe.
13. Ba kgopolo e le nngwe, mme ba tla neela sebata borena le matla a bona.
14. Ba tla lwantsha Konyana, empa Konyana e tla ba hlola, kahobane ke Morena wa marena, le Mmusi wa babusi, mme ba nang le yena ke ba bitsitsweng, le bakgethwa, le badumedi.
15. Yaba lengeloi le re ho nna: Metsi ao o a boneng, ao seotswa se dutseng ho wona, ke merabe, le matshwele, le ditjhaba, le dipuo.
16. Mme dinaka tse leshome tseo o di boneng ho sebata, di tla hloya seotswa, di se fedise, di se hlobodise, di je nama tsa sona, mme di se tjhese mollong.