Tshenolo 17:12-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Dinaka tse leshome tseo o di boneng ke marena a leshome, a esong ho nke borena, a mpa a tla amohela matla a borena hammoho le sebata ka hora e le nngwe.

13. Ba kgopolo e le nngwe, mme ba tla neela sebata borena le matla a bona.

14. Ba tla lwantsha Konyana, empa Konyana e tla ba hlola, kahobane ke Morena wa marena, le Mmusi wa babusi, mme ba nang le yena ke ba bitsitsweng, le bakgethwa, le badumedi.

15. Yaba lengeloi le re ho nna: Metsi ao o a boneng, ao seotswa se dutseng ho wona, ke merabe, le matshwele, le ditjhaba, le dipuo.

16. Mme dinaka tse leshome tseo o di boneng ho sebata, di tla hloya seotswa, di se fedise, di se hlobodise, di je nama tsa sona, mme di se tjhese mollong.

17. Hobane Modimo o kentse dipelong tsa bona ho phetha morero wa wona, le ho dumellana, le ho neela sebata mebuso ya bona, dipolelo tsa Modimo di tle di be di phethehe.

18. Haele mosadi eo o mmoneng, ke motse o moholo o busang marena a lefatshe.

Tshenolo 17