1. Yaba lengeloi le leng la a supileng a tshwereng dinkgo tse supileng, le tla ho nna, la re: Tloo, ke o bontshe kahlolo ya seotswa se seholo, se dutseng hodima metsi a mangata;
2. seo marena a lefatshe a febileng le sona, le ba ahileng lefatsheng ba tahilweng ke veine ya bootswa ba sona.
3. La nkisa feelleng ka moya, mme ka bona mosadi ya dutseng hodima sebata se mmala wa sekarelata, se tletseng mabitso a bonyefodi, se nang le dihlooho tse supileng, le dinaka tse leshome.
4. Mosadi eo o ne a apere purepera le sekarelata, a kgabile ka kgauta, le mahakwe a bohlokwa, le diperela; letsohong la hae o ne a tshwere pitsa ya kgauta, e tletseng manyala le ditshila tsa bootswa ba hae.