Tshenolo 15:1-5 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Yaba ke bona lehodimong mohlolo o mong, o moholo, o makatsang, e leng mangeloi a supileng a tshwereng dikotsi tse supileng tsa qetello; hobane bohale ba Modimo bo ya phetheha ka tsona.

2. Ka bona ho kang lewatle la seipone le kopaneng le mollo; ba neng ba hlotse sebata, le setshwantsho sa sona, le letshwao la sona, le palo ya lebitso la sona, ba ne ba eme hodima lewatle la seipone, ba tshwere diharepa tsa Modimo.

3. Mme ba bina sefela sa Moshe, mohlanka wa Modimo, le sefela sa Konyana, ba re: E meholo, e a babatseha, mesebetsi ya hao, Morena Modimo o matla wohle! Oho, Morena wa ditjhaba, ditsela tsa hao di lokile hakakang, ke nnete feela!

4. Ya sa tlo o tshaba ke ha e le mang, Morena? Ya sa tlo tlotlisa lebitso la hao ke mang? Hobane ya halalelang ke wena o nnotshi. Mme ditjhaba tsohle di tla tla, di kgumame maotong a hao, kahobane dikahlolo tsa hao di beilwe pepeneneng.

5. Kamora tseo ka tadima, mme ka bona tempele ya tabernakele ya bopaki e bulwa lehodimong.

Tshenolo 15