Tshenolo 14:6-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. Hape, ka bona lengeloi le leng le fofang mahareng a lehodimo, le tshwere Evangeli ya kamehla le mehla ho e bolella ba ahileng lefatsheng, le ditjhaba tsohle, le mefuta yohle, le dipuo tsohle, le merabe yohle;

7. la re ka lentswe le phahamileng: Tshabang Modimo, isang kganya ho wona, hobane nako ya ho ahlola ha wona e tlile; mme le kgumamele ya entseng lehodimo, le lefatshe, le lewatle, le didiba tsa metsi.

8. Lengeloi la bobedi la latela, le re: O wele, o wele, Babilona, motse o moholo, hobane o nwesitse ditjhaba tsohle veine ya bohale ba bootswa ba wona.

9. Lengeloi la boraro la latela a mabedi ao, la re ka lentswe le leholo: Ekare ha motho a rapela sebata le setshwantsho sa sona, a nka le letshwao la sona phatleng ya hae, kapa letsohong la hae,

10. le yena o tla nwa veine ya bohale ba Modimo e tshetsweng, e sa tswakwa, senwelong sa kgalefo ya wona, mme o tla hlokofatswa mollong le sebaboleng pontsheng ya mangeloi a halalelang le ya Konyana.

11. Mosi wa hlokofalo ya bona o nyoloha kamehla le mehla, mme barapedi ba sebata le ba setshwantsho sa sona ba ke ke ba eba le phomolo bosiu le motshehare, leha e le ba amohetseng letshwao la lebitso la sona.

12. Ke moo ho tla bonahala mamello ya bahalaledi, e leng ba bolokang ditaelo tsa Modimo le tumelo ya bona ho Jesu.

13. Yaba ke utlwa lentswe le tswang lehodimong, le re ho nna: Ngola: Ho lehlohonolo bafu ba shwelang Moreneng ho tloha jwale! Moya o re: E, hoba ba ya phomola mesebetsing ya bona; hobane mesebetsi ya bona e a ba latela.

14. Jwale ka tadima, mme ka bona leru le lesweu, mme e mong ya kang mora motho a dutse hodima leru, a rwetse moqhaka wa kgauta hloohong, mme a nkile sekele e bohale letsohong la hae.

15. Lengeloi le leng la tswa tempeleng, la howeletsa ka lentswe le phahamileng ho ya dutseng lerung, la re: Kenya sekele ya hao, o kotule; hobane nako ya ho kotula e fihlile, hobane koro ya lefatshe e butswitse.

16. Mme ya dutseng hodima leru a akgela sekele ya hae lefatsheng, mme lefatshe la kotulwa.

17. Lengeloi le leng la tswa tempeleng e lehodimong, le lona le nkile sekele e bohale.

18. Le leng hape lengeloi la tswa aletareng, le ena le matla hodima mollo, mme la howeletsa ka lentswe le phahamileng ho le nkileng sekele e bohale, la re: Akgela sekele ya hao e bohale, mme o kge merara ya lefatshe, hobane ditholwana tsa yona di butswitse.

Tshenolo 14