13. Yaba ke utlwa lentswe le tswang lehodimong, le re ho nna: Ngola: Ho lehlohonolo bafu ba shwelang Moreneng ho tloha jwale! Moya o re: E, hoba ba ya phomola mesebetsing ya bona; hobane mesebetsi ya bona e a ba latela.
14. Jwale ka tadima, mme ka bona leru le lesweu, mme e mong ya kang mora motho a dutse hodima leru, a rwetse moqhaka wa kgauta hloohong, mme a nkile sekele e bohale letsohong la hae.
15. Lengeloi le leng la tswa tempeleng, la howeletsa ka lentswe le phahamileng ho ya dutseng lerung, la re: Kenya sekele ya hao, o kotule; hobane nako ya ho kotula e fihlile, hobane koro ya lefatshe e butswitse.
16. Mme ya dutseng hodima leru a akgela sekele ya hae lefatsheng, mme lefatshe la kotulwa.
17. Lengeloi le leng la tswa tempeleng e lehodimong, le lona le nkile sekele e bohale.
18. Le leng hape lengeloi la tswa aletareng, le ena le matla hodima mollo, mme la howeletsa ka lentswe le phahamileng ho le nkileng sekele e bohale, la re: Akgela sekele ya hao e bohale, mme o kge merara ya lefatshe, hobane ditholwana tsa yona di butswitse.
19. Lengeloi la akgela sekele ya lona lefatsheng, la kotula merara ya lefatshe, mme la akgela ditholwana tse kotutsweng sehatelong se seholo sa bohale ba Modimo.
20. Sehatelo sa hatelwa kantle ho motse, mme ha tswa madi sehatelong, mme a phahama a ba a fihla ditomong tsa dipere, sebaka sa wona se lekane le distadia tse sekete se nang le makgolo a tsheletseng.