Tshenolo 14:1-8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Jwale, ka tadima, mme ka bona Konyana e eme thabeng ya Sione, e ena le ba ngodilweng lebitso la Ntata yona diphatleng tsa bona, ba le dikete tse lekgolo le nang le mashome a mane a metso e mene.

2. Mme ka utlwa lentswe le tswang lehodimong le kang modumo wa metsi a mangata, le jwaloka modumo wa seaduma se seholo. Hape, lentswe leo ka le utlwa, eka ke la baharepa ha ba tidinya diharepa tsa bona.

3. Ba ne ba bina ho kang sefela se setjha pela terone, le pela dibopuwa tse phelang tse nne, le pela baholo. Mme ho ne ho se ba ka ithutang sefela seo, haese ba dikete tse lekgolo le nang le mashome a mane a metso e mene, e leng ba lopolotsweng lefatsheng.

4. Bao ke ba sa kang ba itshilafatsa le basadi; hobane ba sa le jwaloka mohla ba hlahang. Ke ba latelang Konyana hohle moo e yang teng; ke ba lopolotsweng hara batho, e be dithakangwaha ho Modimo le ho Konyana.

5. Mme leshano ha le a ka la fumanwa melomong ya bona; hobane ba hlokile letheba pela terone ya Modimo.

6. Hape, ka bona lengeloi le leng le fofang mahareng a lehodimo, le tshwere Evangeli ya kamehla le mehla ho e bolella ba ahileng lefatsheng, le ditjhaba tsohle, le mefuta yohle, le dipuo tsohle, le merabe yohle;

7. la re ka lentswe le phahamileng: Tshabang Modimo, isang kganya ho wona, hobane nako ya ho ahlola ha wona e tlile; mme le kgumamele ya entseng lehodimo, le lefatshe, le lewatle, le didiba tsa metsi.

8. Lengeloi la bobedi la latela, le re: O wele, o wele, Babilona, motse o moholo, hobane o nwesitse ditjhaba tsohle veine ya bohale ba bootswa ba wona.

Tshenolo 14