Tshenolo 13:4-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. Ba rapela drakone kahobane e neile sebata matla a yona, ba rapela le sebata, ba re: Ke mang ya lekanang le sebata, mme ke mang ya ka tsebang ho lwana le sona?

5. Sa newa molomo o bolelang ditaba tse kgolo, le dinyefolo; mme sa fuwa matla a ho lwana ka dikgwedi tse mashome a mane a metso e mmedi.

6. Sa ahlamisa molomo wa sona ho nyefola Modimo, ho nyefola le lebitso la wona, le tabernakele ya wona, le ba ahileng lehodimong.

7. Sa newa ho lwantsha bahalaledi, le ho ba hlola. Hape, sa newa matla hodima mefuta yohle, le hodima merabe yohle, le hodima dipuo tsohle, le hodima ditjhaba tsohle.

8. Mme se tla rapelwa ke bohle ba ahileng lefatsheng bao mabitso a bona a sa kang a ngolwa bukeng ya bophelo ya Konyana e hlabilweng, esale lefatshe le thewa.

9. Ya nang le ditsebe a utlwe.

10. Ya isang ba bang kgolehong, o tla ya kgolehong le yena; mme ekare ha motho a bolaya ka lerumo, e ka kgona le yena a bolawe ka lerumo. Ke moo ho tla bonahala mamello le tumelo ya bahalaledi.

11. Ka ba ka bona sebata se seng se nyolohelang lefatsheng, se nang le dinaka tse pedi tse jwaloka tsa konyana, se mpa se bua jwaloka drakone.

12. Sa etsa ka matla wohle a sebata sa pele pontsheng ya sona, mme sa etsa hore lefatshe, le ba ahileng ho lona, ba rapele sebata sa pele, seo leqeba la sona le bolayang le neng le fodile.

13. Hape, sa etsa mehlolo e moholo, ho isa le ho theola mollo lehodimong, hore o wele lefatsheng pontsheng ya batho.

14. Sa thetsa ba ahileng lefatsheng ka mehlolo eo se filweng matla a ho e etsa pela sebata, sa bolella ba ahileng lefatsheng hore ba etsetse sebata, se neng se hlabilwe ka lerumo, sa ba sa pholoha, setshwantsho.

15. Sa fuwa matla a ho kenya phefumoloho setshwantshong sa sebata, hore setshwantsho sa sebata se tsebe ho bua, se etse le hore ho bolawe bohle ba hanang ho kgumamela setshwantsho sa sebata.

Tshenolo 13