2. Sebata seo ke se boneng se ne se tshwana le lengau; maoto a sona a ne a le jwaloka maoto a bere, mme molomo wa sona o ne o le jwaloka molomo wa tau; mme drakone ya se fa matla a yona, le terone ya yona, le borena bo boholo.
3. Ka bona hlooho e nngwe ya sona e hlabilwe eka e ya shwa; empa leqeba leo, le e bolayang, la fola, mme lefatshe kaofela la makala ke sebata.
4. Ba rapela drakone kahobane e neile sebata matla a yona, ba rapela le sebata, ba re: Ke mang ya lekanang le sebata, mme ke mang ya ka tsebang ho lwana le sona?
5. Sa newa molomo o bolelang ditaba tse kgolo, le dinyefolo; mme sa fuwa matla a ho lwana ka dikgwedi tse mashome a mane a metso e mmedi.
6. Sa ahlamisa molomo wa sona ho nyefola Modimo, ho nyefola le lebitso la wona, le tabernakele ya wona, le ba ahileng lehodimong.
7. Sa newa ho lwantsha bahalaledi, le ho ba hlola. Hape, sa newa matla hodima mefuta yohle, le hodima merabe yohle, le hodima dipuo tsohle, le hodima ditjhaba tsohle.
8. Mme se tla rapelwa ke bohle ba ahileng lefatsheng bao mabitso a bona a sa kang a ngolwa bukeng ya bophelo ya Konyana e hlabilweng, esale lefatshe le thewa.
9. Ya nang le ditsebe a utlwe.
10. Ya isang ba bang kgolehong, o tla ya kgolehong le yena; mme ekare ha motho a bolaya ka lerumo, e ka kgona le yena a bolawe ka lerumo. Ke moo ho tla bonahala mamello le tumelo ya bahalaledi.
11. Ka ba ka bona sebata se seng se nyolohelang lefatsheng, se nang le dinaka tse pedi tse jwaloka tsa konyana, se mpa se bua jwaloka drakone.
12. Sa etsa ka matla wohle a sebata sa pele pontsheng ya sona, mme sa etsa hore lefatshe, le ba ahileng ho lona, ba rapele sebata sa pele, seo leqeba la sona le bolayang le neng le fodile.