Tshenolo 13:14-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. Sa thetsa ba ahileng lefatsheng ka mehlolo eo se filweng matla a ho e etsa pela sebata, sa bolella ba ahileng lefatsheng hore ba etsetse sebata, se neng se hlabilwe ka lerumo, sa ba sa pholoha, setshwantsho.

15. Sa fuwa matla a ho kenya phefumoloho setshwantshong sa sebata, hore setshwantsho sa sebata se tsebe ho bua, se etse le hore ho bolawe bohle ba hanang ho kgumamela setshwantsho sa sebata.

16. Mme sa etsa hore batho bohle, ba banyenyane le ba baholo, ba ruileng le ba fumanehileng, ba sa ruwang le ba ruilweng, ba amohele letshwao letsohong le letona la bona, leha e le phatleng tsa bona;

17. le hore ho se be motho ya ka tsebang ho reka, leha e le ho rekisa, ha a se na letshwao, kapa lebitso la sebata, kapa palo ya lebitso la sona.

18. Ke moo bohlale bo leng teng. Ya hlalefileng a bale palo ya sebata; hobane ke palo ya motho: palo ya sona ke makgolo a tsheletseng a mashome a tsheletseng a metso e tsheletseng.

Tshenolo 13