1. Yaba ke bona sebata se nyolohang lewatleng, se nang le dihlooho tse supileng le dinaka tse leshome; dinakeng tsa sona se ne se rwetse meqhaka e leshome; mme dihloohong tsa sona ho ne ho ngodilwe mabitso a nyefolang Modimo.
2. Sebata seo ke se boneng se ne se tshwana le lengau; maoto a sona a ne a le jwaloka maoto a bere, mme molomo wa sona o ne o le jwaloka molomo wa tau; mme drakone ya se fa matla a yona, le terone ya yona, le borena bo boholo.
3. Ka bona hlooho e nngwe ya sona e hlabilwe eka e ya shwa; empa leqeba leo, le e bolayang, la fola, mme lefatshe kaofela la makala ke sebata.