Tshenolo 12:5-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. A beleha mora, ngwana e motona, ya tla alosa ditjhaba tsohle ka lere la tshepe; mme ngwana hae a nkelwa ho Modimo le teroneng ya wona.

6. Mosadi yena a balehela feelleng, moo a lokiseditsweng ditulo ke Modimo, hore a tle a fepuwe teng ka matsatsi a sekete se nang le makgolo a mabedi a mashome a tsheletseng.

7. Jwale ntwa ya eba teng lehodimong, Mikaele le mangeloi a hae a lwantsha drakone. Drakone ya lwana, e ena le mangeloi a yona;

8. empa ha ba ka ba hlola, mme ha ba ka ba hlola ba ena le ditulo lehodimong.

9. Mme drakone e kgolo, e leng noha ya kgale, e bitswang Diabolose le Satane, e thetsang lefatshe kaofela, ya dihelwa; ya lahlelwa ntle, ya dihelwa lefatsheng, le mangeloi a yona.

10. Jwale ka utlwa lentswe le leholo lehodimong, le re: Jwale, ho hlahile poloko, le matla, le mmuso wa Modimo wa rona, le matla a Kreste wa wona; hobane moqosi wa banababo rona, ya neng a ba qosa pela sefahleho sa Modimo motshehare le bosiu, o dihetswe.

11. Ba mo hlotse ka madi a Konyana, le ka lentswe la bopaki ba bona; mme ha ba ka ba re letho ka bophelo ba bona, le ho isa lefung.

Tshenolo 12