11. Ba mo hlotse ka madi a Konyana, le ka lentswe la bopaki ba bona; mme ha ba ka ba re letho ka bophelo ba bona, le ho isa lefung.
12. Thabang ke hona, mahodimo, le lona ba ahileng teng. Ho madimabe lona ba ahileng lefatsheng le lewatleng; hobane Diabolose o theohetse ho lona a halefile hampe, ka ho tseba hobane nako ya hae ha e sa le ekae.
13. Drakone, eitse ha e bona hobane e dihetswe lefatsheng, ya ya ho hlorisa mosadi ya neng a belehile ngwana e motona.
14. Mosadi a newa dipheo tse pedi tsa ntsu e kgolo, hore a tle a fofele lefeelleng, ditulong tsa hae, moo a fepuwang ka nako e nngwe, le ka dinako, le ho isa mahareng a nako e nngwe, a le hole le noha.
15. Mme noha ya phutsalatsa kamora mosadi metsi a ka ka a noka, a tle a nkwe ke wona.
16. Empa lefatshe la hla la thusa mosadi; lefatshe la ahlamisa molomo wa lona, mme la metsa noka eo drakone e neng e phutsaladitse ka molomo wa yona.
17. Mme drakone ya halefela mosadi, mme ya tloha ho ya lwantsha masala a leloko la hae, e leng ba bolokileng ditaelo tsa Modimo, ba nang le bopaki ba Jesu Kreste.
18. Mme ya ema lebopong la lewatle.