1. Yaba mohlolo o moholo wa hlaha lehodimong, e le wa mosadi ya apereng letsatsi, kgwedi e le tlasa maoto a hae, a rwetse hloohong mofapahlooho wa dinaledi tse leshome le metso e mmedi.
2. E ne e le moimana, mme a howa a setse a le pelehing, a utlwa bohloko ba ho beleha.
3. Mohlolo o mong hape wa hlaha lehodimong, e le wa drakone e kgolo, e kgubedu, e nang le dihlooho tse supileng, le dinaka tse leshome, le meqhaka e supileng dihloohong tsa yona.
4. Mohatla wa yona o ne o hulanya karolo ya boraro ya dinaledi tsa lehodimo, mme o ne o di lahlela lefatsheng.Drakone ya ema pela mosadi ya belehang, hore e tle e je ngwana hae ha a se a mmelehile.
5. A beleha mora, ngwana e motona, ya tla alosa ditjhaba tsohle ka lere la tshepe; mme ngwana hae a nkelwa ho Modimo le teroneng ya wona.
6. Mosadi yena a balehela feelleng, moo a lokiseditsweng ditulo ke Modimo, hore a tle a fepuwe teng ka matsatsi a sekete se nang le makgolo a mabedi a mashome a tsheletseng.
7. Jwale ntwa ya eba teng lehodimong, Mikaele le mangeloi a hae a lwantsha drakone. Drakone ya lwana, e ena le mangeloi a yona;
8. empa ha ba ka ba hlola, mme ha ba ka ba hlola ba ena le ditulo lehodimong.
9. Mme drakone e kgolo, e leng noha ya kgale, e bitswang Diabolose le Satane, e thetsang lefatshe kaofela, ya dihelwa; ya lahlelwa ntle, ya dihelwa lefatsheng, le mangeloi a yona.