Tshenolo 11:8-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Ditopo tsa tsona di tla rapalla lepatlelong la motse o moholo, o bitswang Sotoma le Egepeta ka puo ya moya, e leng moo hape Morena wa tsona a thakgisitsweng teng.

9. Ba bang ba ditjhaba, le ba mefuta, le ba dipuo, le ba merabe, ba tla bona ditopo tsa tsona ka matsatsi a mararo, ho isa mahareng a letsatsi le leng; mme ba tla hana hore ditopo tsa tsona di patwe mabitleng.

10. Mme ba ahileng lefatsheng ba tla thabela lefu la tsona, ba nyakalle, ba be ba isetsane dimpho, kahobane baporofeta ba babedi bao ba ne ba kgathaditse ba ahileng lefatsheng.

11. Empa ha ho fetile matsatsi a mararo, ho isa mahareng a letsatsi le leng, moya wa bophelo o tswang ho Modimo wa kena ho bona; ba ema ka maoto a bona, mme tshabo e kgolo ya wela ba ba bonang.

12. Mme ba utlwa lentswe le matla le tswang lehodimong, le re ho bona: Nyolohelang kwano. Ba fela ba nyolohela lehodimong ka leru, ba ntse ba bonwa ke dira tsa bona.

Tshenolo 11