Tshenolo 11:14-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. Kotsi ya bobedi e fetile, empa bonang, kotsi ya boraro e latela haufi.

15. Jwale, lengeloi la bosupa la letsa terompeta ya lona; mme ha utlwahala mantswe a maholo a buang lehodimong, a re: Mebuso ya lefatshe e fetohile mmuso wa Morena wa rona le wa Kreste wa hae, mme o tla busa ka ho sa feleng.

16. Jwale baholo ba mashome a mabedi a metso e mene, ba dutseng diteroneng tsa bona pela Modimo, ba wa ka difahleho, mme ba rapela Modimo,

17. ba re: Re a o leboha, Morena, Modimo o matla wohle, o leng teng, o neng o le teng, o tla nne o be teng, hobane o nkile matla a hao a maholo, mme wa rena.

18. Ditjhaba di ne di halefile, mme bohale ba hao bo hlahile, le nako ya ho ahlola bafu, le ya ho ntsha moputso wa bahlanka ba hao ba baporofeta le wa bahalaledi le wa ba tshabang lebitso la hao, ba banyenyane le ba baholo, le ya ho senya ba senyang lefatshe.

19. Mme tempele ya Modimo ya bulwa lehodimong, mme areka ya selekane sa wona ya bonahala tempeleng ya wona; mme ha hlaha mahadima, le mantswe, le diaduma, le tshisinyeho ya lefatshe, le sefako se seholo.

Tshenolo 11