13. Ka nako yona eo, tshisinyeho e kgolo ya lefatshe ya eba teng; karolo ya leshome ya motse ya heleha tshisinyehong eo, batho ba dikete tse supileng ba eshwa; mme ba bang ba tshwarwa ke ho thothomela, mme ba isa kganya ho Modimo wa lehodimo.
14. Kotsi ya bobedi e fetile, empa bonang, kotsi ya boraro e latela haufi.
15. Jwale, lengeloi la bosupa la letsa terompeta ya lona; mme ha utlwahala mantswe a maholo a buang lehodimong, a re: Mebuso ya lefatshe e fetohile mmuso wa Morena wa rona le wa Kreste wa hae, mme o tla busa ka ho sa feleng.
16. Jwale baholo ba mashome a mabedi a metso e mene, ba dutseng diteroneng tsa bona pela Modimo, ba wa ka difahleho, mme ba rapela Modimo,
17. ba re: Re a o leboha, Morena, Modimo o matla wohle, o leng teng, o neng o le teng, o tla nne o be teng, hobane o nkile matla a hao a maholo, mme wa rena.