1. Yaba ke newa leqala le kang thupa, mme lengeloi la re ho nna: Ema, mme o lekanye tempele ya Modimo, le aletare, le batho ba rapelang ho yona.
2. Empa, haele lebala le kantle ho tempele o le siye, o se ke wa le lekanya; hobane baditjhaba ba le neilwe, mme ba tla hatakela motse o halalelang ka maoto, ka dikgwedi tse mashome a mane a metso e mmedi.
3. Mme ke tla nea dipaki tsa ka tse pedi taelo, mme di tla porofeta ka matsatsi a sekete se nang le makgolo a mabedi a mashome a tsheletseng, di ntse di apere lesela le mahwashe.
4. Tseo ke mehlwaare e mmedi le dikandelare tse pedi tse emeng pela Modimo wa lefatshe.
5. Ekare ha motho a rata ho di etsa hampe, mollo o tla tswa melomong ya tsona, mme o tla ja dira tsa tsona; mme e mong le e mong ya ratang ho di etsa hampe, e ka kgona a shwe jwalo.
6. Di na le matla a ho kwala lehodimo, hore pula e se ke ya na ka matsatsi ao diporofetang ka wona; hape, di na le matla a ho fetola metsi madi, le a ho otla lefatshe ka dikotsi tsohle, nakong tsohle tseo di ka ratang ho etsa jwalo.
7. Etlare hobane di phethe bopaki ba tsona, sebata se nyolohang sekoting se tla di lwantsha, se di hlole, se di bolaye.
8. Ditopo tsa tsona di tla rapalla lepatlelong la motse o moholo, o bitswang Sotoma le Egepeta ka puo ya moya, e leng moo hape Morena wa tsona a thakgisitsweng teng.
9. Ba bang ba ditjhaba, le ba mefuta, le ba dipuo, le ba merabe, ba tla bona ditopo tsa tsona ka matsatsi a mararo, ho isa mahareng a letsatsi le leng; mme ba tla hana hore ditopo tsa tsona di patwe mabitleng.
10. Mme ba ahileng lefatsheng ba tla thabela lefu la tsona, ba nyakalle, ba be ba isetsane dimpho, kahobane baporofeta ba babedi bao ba ne ba kgathaditse ba ahileng lefatsheng.