1. Yaba ke bona lengeloi le leng le matla, le theohang lehodimong, le ipopileng ka leru, le rwetse mookodi hloohong; sefahleho sa lona se ne se le jwaloka letsatsi, le maoto a lona e ne e ka ditshiya tsa mollo;
2. le ne le tshwere bukana e phetlilweng letsohong la lona. La bea leoto le letona la lona hodima lewatle, le leoto le letshehadi hodima lefatshe;
3. mme la howa ka lentswe le phahamileng, jwaloka tau ha e puruma. Eitse hobane le howe, diaduma tse supileng tsa utlwahatsa mantswe a tsona.
4. Yare hobane diaduma tse supileng di utlwahatse mantswe a tsona, ka re, ke a ngola; yaba ke utlwa lentswe le tswang lehodimong, le re ho nna: Kwahela tse boletsweng ke diaduma tse supileng, mme o se ke wa di ngola.
5. Mme lengeloi leo ke neng ke le bone le eme hodima lefatshe le hodima lewatle, la emisetsa letsoho la lona le letona nqa lehodimong;