8. Ke nna alfa le omega, qalo le qetello, ho bolela Morena Modimo, ya leng teng, ya neng a le teng, ya tla nne a be teng, ya matla wohle.
9. Nna, Johanne, ke leng ngwanabo lona, ya abetsweng le lona matshwenyeho, le mmuso, le mamello e leng ho Jesu Kreste, ke ne ke le sehlekehlekeng se bitswang Patmose, ka bka la lentswe la Modimo, le ka baka la ho paka Jesu Kreste.
10. Moya wa ka wa nkwa ka letsatsi la Morena, mme ka utlwa kamora ka lentswe le leholo le kang la terompeta, le re:
11. Ke nna alfa le omega, wa pele le wa morao. Seo o se bonang, o se ngole bukeng, o ntoo se romela ho dikereke tse supileng tse Asia, e leng Efese, le Smirna, le Pergame, le Thiatire, le Sarda, le Filadelfia, le Laodisea.
12. Yaba ke reteleha ho bona eo lentswe la hae le buang le nna. Eitse hobane ke retelehe, ka bona dikandelare tsa kgauta tse supileng;