Tshenolo 1:14-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. Hlooho ya hae le moriri wa hae di ne di le tshweu, jwaloka boya bo bosweu ba nku, le jwaloka lehlwa; mahlo a hae a ne a le jwaloka kgabo ya mollo;

15. maoto a hae a ne a tshwana le koporo e benyang, a le jwaloka hoja a hlenne seboping; lentswe la hae le ne le le jwaloka modumo wa metsi a mangata.

16. O ne a tshwere dinaledi tse supileng letsohong le letona la hae, mme sabole e ntjhotjho, e leoditsweng ka nqa tse pedi, e ne e tswa molomong wa hae; sefahleho sa hae se ne se tshwana le letsatsi ha le kganya ka matla a lona.

17. Eitse ha ke mmona, ka wela maotong a hae, yaka ke shwele. A bea letsoho la hae le letona hodima ka, a re ho nna: Se tshabe; ke nna wa pele le wa morao, mme ke a phela.

18. Ke na be ke shwele, mme bona! ke phela kamehla le mehla. Amen! Ke na le dinotlolo tsa nqalo ya bafu le tsa lefu.

19. Jwale, ngola ditaba tseo o di boneng, le tse leng jwale, le tse tlang ho tla kamora tsena,

20. sephiri sa dinaledi tse supileng tseo o di boneng letsohong la ka le letona, le dikandelare tse supileng tsa kgauta. Dinaledi tse supileng ke mangeloi a dikereke tse supileng; mme dikandelare tse supileng tseo o di boneng, ke dikereke tse supileng.

Tshenolo 1