1. Ke ena tshenolo ya Jesu Kreste, eo a e neileng ke Modimo, ho tsebisa bahlanka ba hae ditaba tse tshwanetseng ho hlaha kapele, tseo a di rometseng ka lengeloi, a bileng a di tshwantshetsa Johanne, mohlanka wa hae,
2. ya tiisitseng lentswe la Modimo, a paka le tsa Jesu Kreste, e leng tsohle tseo a di boneng.
3. Ho lehlohonolo ya balang, le ba utlwang ditaba tsa boporofeta bona, ba bolokang tse ngodilweng teng; hobane nako ya tsona e se e le haufi.
4. Ke le Johanne, ke ngolla dikereke tse supileng tse Asia, ke re: Le newe mohau le kgotso ke ya leng teng, ya neng a le teng, ya tla nne a be teng, le ke Meya e supileng e pela terone ya hae,
5. le ke Jesu Kreste, paki e tshepehang, letsibolo la tsoho ya bafu, le Morena wa marena a lefatshe!