Tshenolo 1:1-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ke ena tshenolo ya Jesu Kreste, eo a e neileng ke Modimo, ho tsebisa bahlanka ba hae ditaba tse tshwanetseng ho hlaha kapele, tseo a di rometseng ka lengeloi, a bileng a di tshwantshetsa Johanne, mohlanka wa hae,

2. ya tiisitseng lentswe la Modimo, a paka le tsa Jesu Kreste, e leng tsohle tseo a di boneng.

3. Ho lehlohonolo ya balang, le ba utlwang ditaba tsa boporofeta bona, ba bolokang tse ngodilweng teng; hobane nako ya tsona e se e le haufi.

4. Ke le Johanne, ke ngolla dikereke tse supileng tse Asia, ke re: Le newe mohau le kgotso ke ya leng teng, ya neng a le teng, ya tla nne a be teng, le ke Meya e supileng e pela terone ya hae,

5. le ke Jesu Kreste, paki e tshepehang, letsibolo la tsoho ya bafu, le Morena wa marena a lefatshe!

6. Ho ya re ratileng, ya re hlatswitseng dibe tsa rona mading a hae, a ba a re bea marena le baprista ho Modimo, Ntatae, ho iswe kganya le matla kamehla le mehla! Amen!

7. Bonang, o tla ka maru, mme mahlo wohle a tla mmona, le bona ba mo hlabileng; mme ba mefuta yohle ya lefatshe ba tla swaba ka baka la hae. E, Amen!

8. Ke nna alfa le omega, qalo le qetello, ho bolela Morena Modimo, ya leng teng, ya neng a le teng, ya tla nne a be teng, ya matla wohle.

9. Nna, Johanne, ke leng ngwanabo lona, ya abetsweng le lona matshwenyeho, le mmuso, le mamello e leng ho Jesu Kreste, ke ne ke le sehlekehlekeng se bitswang Patmose, ka bka la lentswe la Modimo, le ka baka la ho paka Jesu Kreste.

10. Moya wa ka wa nkwa ka letsatsi la Morena, mme ka utlwa kamora ka lentswe le leholo le kang la terompeta, le re:

Tshenolo 1