Tite 3:7-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. hore, ha re se re beilwe ba lokileng ka mohau wa wona, re tle re be majalefa a bophelo bo sa feleng, jwalokaha re tshepile.

8. Polelo eo e tiile, mme ke rata hoba o omele ka matla tabeng tseo, hore ba dumetseng ho Modimo ba iponele, ba tle ba phehelle mesebetsi e metle, tse ntle, tse molemo ho batho ke tsona tseo.

9. Empa o tshabe dikgang tsa bowatla, le tsa masika, le diqabang le diphapang tse etswang hodima molao; hobane ha di thuse letho, mme ke lefeela.

10. Suthisa motho ya hlahisang thuto e kgelohileng, ha o se o kile wa mo tsosa ka la pele le ka la bobedi;

11. o tle o tsebe hobane ya jwalo o se a senyehile, mme o etsa sebe; o se a ikahlotse.

12. Etlere ha ke o romela Artemase, leha e le Tikike, o phakise o tle ho nna Nikopolise; hobane ke hopotse ho hlola mariha teng.

13. O felehetse Senase, moruti wa molao, le Apolose hantle leetong la bona, ba tle ba se ke ba hloka letho.

14. Baheso le bona ba ke ba ithute ho phehella mesebetsi e metle, mohla e hlokwang, e tle e se be ba sa beheng ditholwana.

15. Ba ho nna ba o dumedisa bohle. Dumedisa ba re ratang tumelong.Mohau o be le lona bohle! Amen!

Tite 3