Tite 3:10-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. Suthisa motho ya hlahisang thuto e kgelohileng, ha o se o kile wa mo tsosa ka la pele le ka la bobedi;

11. o tle o tsebe hobane ya jwalo o se a senyehile, mme o etsa sebe; o se a ikahlotse.

12. Etlere ha ke o romela Artemase, leha e le Tikike, o phakise o tle ho nna Nikopolise; hobane ke hopotse ho hlola mariha teng.

13. O felehetse Senase, moruti wa molao, le Apolose hantle leetong la bona, ba tle ba se ke ba hloka letho.

14. Baheso le bona ba ke ba ithute ho phehella mesebetsi e metle, mohla e hlokwang, e tle e se be ba sa beheng ditholwana.

15. Ba ho nna ba o dumedisa bohle. Dumedisa ba re ratang tumelong.Mohau o be le lona bohle! Amen!

Tite 3