Tite 1:11-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. bao e ka kgonang ho thijwe melomo ya bona. Ba diha matlo kammoho, ba ruta tse sa tshwanelang, ba tle ba ipokellele moruo wa bokgopo.

12. E mong wa habo bona, e bileng moporofeta wa bona, o itse: Bakreta ke mahata kamehla, ke diphoofolo tse mpe, ke dimpa tse botswa.

13. Bopaki boo ke ba nnete; ka baka leo, o ba kgalemele ka thata, tumelo ya bona e tle e hloke sekodi;

14. mme ba se ke ba ineela ditshomo tsa Bajuda, le ditaelo tsa batho ba furallang nnete.

15. Efela ntho tsohle di hlwekile ho ba hlwekileng; empa ha ho ntho e hlwekileng ho ba ditshila le ho ba sa dumelang; ba silafetse dipelo le matswalo.

Tite 1