Sofonia 2:13-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Hape, Jehova o tla otlollela letsoho la hae ka nqa leboya, a timeletse Assiria, a fetole Ninive nahathothe le sebataolo se jwaloka lefeella!

14. Mehlape e tla botha teng, e leng dihlopha tsa diphoofolo tsa mefutafuta. Le wona moholodi le hlong di tla robala hodima dihlooho tsa ditshiya tsa teng; ho utlwahala nonyana e letsang molodi sefensetereng; monyako ke diqubu tsa ntho tse helehileng, hobane Jehova o beile mamati a dikedare pontsheng.

15. Ke wona motse oo o nyakaletseng, o neng o dutse ka kgotso, o neng o re pelong ya wona: Ke nna feela, ha ho o mong! ... O fetohile jwang nahathothe, moo ho bothang diphoofolo teng? E mong le e mong ya fetang pela wona o tla letsa molodi, a ba a tsokotse letsoho.

Sofonia 2