Sofonia 2:1-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Imameleng, imameleng, lona setjhaba se sa swabeng, morero wa Jehova ha o eso ho tswale,

2. ha ho eso ho tle letsatsi le jwaloka mooko o fefolwang, ha ho eso ho tle hodima lona ho tuka ha bohale ba Jehova, ha le eso ho tle ho lona, tsatsi la bohale ba Jehova!

3. Batlang Jehova, baikokobetsi bohle ba lefatshe, ba etsang ka taelo ya hae; batlang ho loka, le batle boikokobetso; ekaba le ka tshoha le patwa tsatsing la bohale ba Jehova.

4. Hobane Gasa o tla tlohelwa, Ashkelone a fetohe nahathothe; Ashdode ba tla mo leleka motshehare o moholo, Ekrone a fotholwe.

5. Ho madimabe ba ahileng naheng e bapaneng le lewatle, setjhaba sa Bakerethe! Lentswe la Jehova le teng hodima hao, Kanana, lefatshe la Bafilesta; ke tla o timeletsa, o be o hloke le ya ka ahang ha hao!

6. Naha e bapaneng le lewatle e tla fetoha makgulo a badisa le masaka a dinku.

7. E tla ba naha ya masala a ntlo ya Juda; teng, ba tla fudisa mehlape ya bona; mantsiboya, ba robale matlung a Ashkelone; hobane Jehova, Modimo wa bona, o tla ba etela, a kgutlise baholehuwa ba bona.

Sofonia 2