Sofonia 1:6-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. le ba furaletseng Jehova, le ba sa batleng Jehova, ba sa mo hlokomeleng.

7. Tholang pela Morena Jehova! hobane letsatsi la Jehova le atametse; hobane Jehova o lokisitse sehlabelo, o hlatswitse bao a ba bitsitseng.

8. Tsatsing la sehlabelo sa Jehova, ke tla kgalemela mahosana le bara ba morena, le bohle ba aparang seaparo sa basele;

9. hape, tsatsing leo, ke tla kgalemela bohle ba tlolang sefate se monyako, ba tlatsang ntlo ya morena wa bona ka tse hapilweng ka bohoroso le ka thetso.

10. Tsatsing leo, ho bolela Jehova, ho tla utlwahala mohoo o tswang monyakong wa Dihlapi, le seboko se tswang Mishne, le tshenyeho e kgolo e maralleng.

11. Bokollang, lona baahi ba Maktheshe, hobane setjhaba sohle sa bahwebi se fedile, bohle ba ipelesitseng ka silifera ba timeditswe.

12. Nakong eo, ke tla batlisisa Jerusalema ka mabone, ke kgalemele banna bao ba hwamileng hodima ditshifa tsa bona, ba reng pelong tsa bona: Jehova ha a na ho etsa hantle, leha e le ho etsa hampe.

13. Menono ya bona e tla lobelwa, matlo a bona a senngwe; ba tla haha matlo, empa ba ke ke ba dula ho wona; ba tla hloma merara, empa ba ke ke ba enwa veine ya yona.

Sofonia 1