Sefela Sa Salomone 8:5-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Elwa ke mang ya nyolohang feelleng, ya ikokotlelang ka moratuwa wa hae?Ke o phaphamisitse katlasa sefate sa apole, moo mmao a o tswetseng, moo ya o belehileng a o hlahiseditseng leseding.

6. O mpee jwaloka tiiso pelong ya hao, jwaloka tiiso seatleng sa hao! Hobane lerato le matla jwaloka lefu, poulelo e thata jwaloka nqalo ya bafu; malakabe a lona ke malakabe a mollo, ke kgabo ya Jehova.

7. Metsi a mangata a ke ke a tima lerato, leha e le dinoka di ke ke tsa le qwedisa. Leha e mong a ka ntsha letlotlo la ntlo ya hae kaofela bakeng sa ho ithekela lerato leo, a ka nyatsuwa. —

8. Re na le kgaitsedi e monyenyane ya esong ho be le matswele; re tla etsang ka kgaitsedi ya rona, mohla a hopolwang?

9. Ekare ha e ka ba lerako, re tla rwesa qhobosheane ya lona silefera; ekare ha e le monyako, re tla o kwala ka mamati a dikedare.

10. Nna, ke tla ba lerako, matswele a me a tla ba jwaloka ditora; ka baka leo, mahlong a hae ke tla ba jwaloka ya fumaneng kgotso.

11. Salomone o ruile serapa sa merara Baale-Hamone; o laeletse balemi merara; o itse, e mong le e mong a lefe ka dishekele tse sekete, bakeng sa ditholwana tsa yona.

Sefela Sa Salomone 8