Sefela Sa Salomone 8:1-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Hola o ho nna jwaleka kgaitsedi ya me, ya antseng letswele la mme, nka be ke ya o kgahlanyetsa kantle, ka o aka, ke sa nyatsuwe.

2. Nka be ke o nka, ka o isa tlung ya mme, mme o ka be o nthuta, mme nka be ke o fa o enwa veine e tswakilweng, metsi a dikharanata tsa me.

3. Le tsoho la hae le letshehadi le be katlasa hlooho ya me, mme a nkope ka le letona!

4. Lona baradi ba Jerusalema, ke a le antsha hore le se ke la tsosa, le se ke la phaphamisa thatohatsi ya ka, a eso ho ithatele. —

5. Elwa ke mang ya nyolohang feelleng, ya ikokotlelang ka moratuwa wa hae?Ke o phaphamisitse katlasa sefate sa apole, moo mmao a o tswetseng, moo ya o belehileng a o hlahiseditseng leseding.

6. O mpee jwaloka tiiso pelong ya hao, jwaloka tiiso seatleng sa hao! Hobane lerato le matla jwaloka lefu, poulelo e thata jwaloka nqalo ya bafu; malakabe a lona ke malakabe a mollo, ke kgabo ya Jehova.

7. Metsi a mangata a ke ke a tima lerato, leha e le dinoka di ke ke tsa le qwedisa. Leha e mong a ka ntsha letlotlo la ntlo ya hae kaofela bakeng sa ho ithekela lerato leo, a ka nyatsuwa. —

8. Re na le kgaitsedi e monyenyane ya esong ho be le matswele; re tla etsang ka kgaitsedi ya rona, mohla a hopolwang?

9. Ekare ha e ka ba lerako, re tla rwesa qhobosheane ya lona silefera; ekare ha e le monyako, re tla o kwala ka mamati a dikedare.

Sefela Sa Salomone 8