Sefela Sa Salomone 7:8-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Ka re: Ke tla hlwella hlorong ya sefate sa palema, ke itshwarelle ka makala a sona a lepeletseng. Matswele a hao a ke a be jwaloka masihla a morara, monko wa phefumoloho ya hao o be jwaloka wa apole;

9. molomo wa hao o be jwaloka veine e monate e phallelang ho moratuwa wa ka, e buisang melomo ya ba robetseng.

10. Nna ke wa moratuwa wa me, lerato la hae le lebile ho nna.

11. Tloo, moratuwa wa me, a re ye masimong, re dule metsaneng.

Sefela Sa Salomone 7