Sefela Sa Salomone 5:2-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. Ke ne ke robetse, empa pelo ya me e ne e fadimeha ... Ke lentswe la moratuwa wa me! o a kokota: Mpulele, ngwaneso, thatohatsi ya ka, leebakgorwana la ka, mohlweki wa ka! Hobane hlooho ya ka e tletse phoka, thitsane ya ka e kolobile ke marothodi a bosiu.

3. Ke hlobotse kobo ya ka; ke tla e apara jwang? ke hlatswitse maoto a ka; ke tla a silafatsa jwang?

4. Moratuwa wa me a kenya letsoho la hae ka lesobeng la monyako, mme pelo ya me ya mo opela.

5. Ka tsoha ho bulela moratuwa wa me, mme matsoho a me a ne a rotha mirra, le menwana ya me e ne e rotha mirra e kwellang ditshepeng tsa senotlolo.

6. Ka bulela moratuwa wa me, empa moratuwa wa me o ne a se a tlohile, a ile; moya wa me o ne o idibana ha a bua le nna; ka mmatla, mme ha ke a ka ka mmona; ka mmitsa, mme ha a ka a araba.

7. Ka fumanwa ke dibohodi tse potapotang motseng; tsa nkotla tsa nthoba; ba lebelang marako ba nkamoha lesira la me.

8. Baradi ba Jerusalema, ke a le antsha, ke re: Ha le bona moratuwa wa me, na le tla reng ho yena? ... Le re: Ke bohloko ke lerato.

9. Moratuwa wa hao o na le eng eo a fetang moratuwa e mong ka yona, wena e motle hara basadi? Moratuwa wa hao o na le eng eo a fetang moratuwa e mong ka yona, ha o re antsha hakalo?

10. Moratuwa wa me o mosweu, o bile o mofubedu; o kgetheha mahareng a ba dikete tse leshome;

11. hlooho ya hae ke kgauta e tshekehileng, thitsane e forehileng ya hae e tshwana jwaloka lepheo la mokgwabane;

12. mahlo a hae a jwaloka a maebakgorwana pela melatswana, a hlatswehileng ka lebese, a dutseng naleng.

13. Marama a hae a jwaloka tema ya dinonetso le leifo la ditlama tse monko o monate; melomo ya hae ke mehaladitwe e rothanga mirra e kwellang; matsoho a hae ke moholoko ya kgauta e rokelletsweng dikrisolithe;

14. sefuba sa hae ke mosebetsi wa manaka a tlou a homilweng ka disafire; maoto a hae ke ditshiya tsa maramore tse tshetlamisitsweng dihlomellong tsa kgauta;

Sefela Sa Salomone 5