7. Thatohatsi ya ka, botle ba hao bo phethehile, ha ho sekodi ho wena.
8. Molebeletswa wa ka, tloha Lebanone le nna, o eme, o tadime o le hlorong ya Amana, hlorong ya Senire le Hermone, matsabeng a ditau, dithabeng tsa mangau!
9. O hapile pelo ya ka, ngwaneso, molebeletswa wa ka, o hapile pelo ya ka ka tjhadimo e le nngwe ya mahlo a hao, ka serwalo se le seng sa molala wa hao.
10. Kgahliso e kakang leratong la hao, ngwaneso, molebeletswa wa ka! Lerato la hao le monate ho fetisa veine hakakang; monko wa menkwane ya hao o fetisa wa menkwane e meng kaofela.