Sefela Sa Salomone 3:10-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. A etsa ditshiya tsa tsona ka silefera, le mokokotlo wa tsona ka kgauta; sedulo e le sa purepera, mme se adilwe kahare ka masela a homilweng ka lerato ke baradi ba Jerusalema.

11. Tswang, lona baradi ba Sione, le bone, mme le bohe morena Salomone ka moqhaka oo mmae a neng a mo rwese wona mohla lenyalo la hae, ka letsatsi la thabo ya pelo ya hae.

Sefela Sa Salomone 3