Sefela Sa Salomone 2:7-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Baradi ba Jerusalema, ke le antsha ka ditshephe le ka dikgama tsa naha, ke re, le se ke la phaphamisa leha e le ho tsosa thatohatsi ya ka, ha a eso ho ithatele. —

8. Ke lentswe la moratuwa wa me! Bona, o a tla, o haola ka ho tlola le ka ho tlolaka hodima dithaba le maralla.

9. Moratuwa wa me o lekisa tshephe, leha e le namane ya kgama; ke yane, o eme kamora lehora la heso, o tadima ka sefensetere, o nyarela ka dipaka tsa dithupa tse haheleditseng.

10. Moratuwa wa me o a bua, o re ho nna: Tsoha, thatohatsi ya ka e ntle, tloha mona, o tle!

11. Hobane bona, mariha a fetile, dipula di kgaoditse, di ile;

12. dipalesa di se di hlaha fatshe; ke nako ya melodi ya dinonyana, lentswe la leebakgorwana le se le utlwahala naheng ya rona.

Sefela Sa Salomone 2