Sefela Sa Salomone 2:15-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. Le re tsomeleng diphokojwe le diphokojwana tsa tsona tse senyang masimo a merara, hobane merara ya rona e thuntse.

16. Moratuwa wa me ke wa me, mme nna ke wa hae; o fudisa mohlape wa hae hara mehaladitwe.

17. Ha ho ntse ho lebeletswe ho phola ha letsatsi le paleho ya meriti, kgutla! Wena, moratuwa wa me, o nne o lekise tshephe ka lebelo, leha e le namane ya kgama ka ho haola ka dithaba tse re arohantseng!

Sefela Sa Salomone 2